Liproverbia 3:27 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 27 U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang,+ ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.+ Bagalata 6:10 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 10 Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng,+ a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.+ Baheberu 13:16 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 16 Ho feta moo, le se ke la lebala ho etsa se molemo+ le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa+ ke mahlabelo a joalo. Jakobo 1:27 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 27 Mofuta oa borapeli o hloekileng+ le o sa silafalang+ ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ matšoenyehong+ a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba+ lefatšeng.+
27 U se ke ua hana ka se molemo ho bao se ba lokelang,+ ha ho le matleng a letsoho la hao ho se etsa.+
10 Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng,+ a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.+
16 Ho feta moo, le se ke la lebala ho etsa se molemo+ le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa+ ke mahlabelo a joalo.
27 Mofuta oa borapeli o hloekileng+ le o sa silafalang+ ponong ea Molimo le Ntate oa rōna ke ona: ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ matšoenyehong+ a bona, le hore motho a ipoloke a se na letheba+ lefatšeng.+