Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 11:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Joale sechaba sa e-ba joaloka batho ba nang le ntho e mpe eo ba belaelang ka eona moo Jehova a ntseng a utloa.+ Ha Jehova a ho utloa, joale bohale ba hae ba tuka, ’me mollo oa Jehova oa qala ho se chesa le ho timetsa ba bang qetellong ea liahelo.+

  • Numere 16:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Mollo oa tsoa ho Jehova+ ’me oa chesa banna ba makholo a mabeli le mashome a mahlano ba neng ba nyehela libano.+

  • Pesaleme 106:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Mollo oa tuka har’a phutheho ea bona;+

      Lelakabe la timetsa ba khopo.+

  • Luka 9:54
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 54 Ha barutuoa Jakobo le Johanne+ ba bona sena ba re: “Morena, na u batla hore re bolelle mollo+ hore o theohe leholimong ’me o ba felise?”

  • Juda 7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Ka ho tšoanang Sodoma le Gomora le metse e li potolohileng,+ ka mor’a hore ka mokhoa o tšoanang le oa mangeloi a boletsoeng pele li etse bohlola ka mokhoa o feteletseng ’me li sale nama morao bakeng sa tšebeliso eo e seng ea tlhaho,+ li behiloe ka pel’a rōna e le mohlala+ o lemosang ka ho feta kotlong ea boahloli ea mollo o sa feleng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela