7Joale Elisha a re: “Mamelang lentsoe la Jehova.+ Sena ke seo Jehova a se boletseng, ‘Hosasane hoo e ka bang ka nako ena tekanyo ea seah ea phofo e thumisehileng e tla rekoa ka shekele, ’me litekanyo tse peli tsa seah ea harese li tla rekoa ka shekele tseleng ea heke ea Samaria.’”+
26 Ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa hae le phethahale, le Ea phethang ka ho feletseng morero oa manģosa a hae;+ Ea reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi,’+ le ka metse ea Juda, ‘E tla tsosolosoa,+ ’me ke tla tsosa masupi a eona’;+
11 le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+ Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana,+ empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang,+ ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.+