Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 14:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 Qetellong bara ba Iseraele ba tšela bohareng ba leoatle moo ho omileng,+ ha metsi e le lebota ho bona ka letsohong la bona le letona le le letšehali.+

  • Joshua 3:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ho sa le joalo baprista ba jereng areka ea selekane sa Jehova ba ’na ba ema ba sa sisinyehe mobung o omileng+ bohareng ba Jordane ha Baiseraele bohle ba ntse ba tšela mobung o omileng,+ ho fihlela sechaba kaofela se qetile ho tšela Jordane.

  • 2 Marena 2:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Joale a nka seaparo se khethehileng sa Elia se neng se oele ho eena ’me a otla metsi+ eaba o re: “O kae Jehova Molimo oa Elia?”+ Eitse ha a otla metsi, joale butle-butle a arohana ka tsela ena le ka tsela eane, hoo Elisha a ileng a tšela.

  • Pesaleme 114:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Molato e ne e le eng ka uena, leoatle, hore ebe u ile ua baleha,+

      Uena Jordane, hore ebe u ile ua qala ho khutlela morao?+

  • Esaia 11:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Ka sebele Jehova o tla khaola leleme la leoatle la Egepeta,+ ’me a tsokele letsoho la hae Nōkeng+ ka cheseho ea moea oa hae. O tla e otla melapong ea eona e supileng e phoroselang, ’me o tla etsa hore batho ba tsamaee ba roetse meqathatso ea bona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela