Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 10:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 “Joale, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa hao o batla eng ho uena+ haese hore u tšabe+ Jehova Molimo oa hao, e le hore u tsamaee litseleng tsohle tsa hae+ le ho mo rata+ le ho sebeletsa Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle;+

  • 1 Marena 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 e le hore Jehova a ka phetha lentsoe leo a le buileng mabapi le ’na,+ ha a re, ‘Haeba bara+ ba hao ba tla hlokomela tsela ea bona ka ho tsamaea+ ka pel’a ka ka ’nete+ ka lipelo+ tsohle tsa bona le ka moea oohle oa bona, ha ho motho oa hao ea tla tlosoa hore a se ke a lula teroneng ea Iseraele.’+

  • Pesaleme 78:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ha baa ka ba boloka selekane sa Molimo,+

      Ba ile ba hana ho tsamaea molaong oa hae.+

  • Liproverbia 4:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao,+ kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.+

  • Hosea 1:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Jehova a tsoela pele ho re ho eena: “Mo rehe lebitso la Jezriele,+ etsoe ka mor’a nakoana e seng kae ke tla ahlola litaba bakeng sa liketso tsa tšollo ea mali tsa Jezriele khahlanong le ntlo ea Jehu,+ ’me ke tla felisa bobusi ba ntlo ea Iseraele.+

  • Baheberu 10:38
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 38 “Empa ea lokileng oa ka o tla phela ka lebaka la tumelo,”+ ’me, “haeba a ikhula, moea oa ka ha o khahloe ke eena.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela