Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 4:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Joale Jonathane,+ mora oa Saule, o ne a e-na le mora ea holofetseng maoto.+ O ne a le lilemo li hlano ha tlaleho e mabapi le Saule le Jonathane e ne e tsoa Jezriele;+ mohlokomeli oa hae a qala ho mo nka ’me a baleha, empa eare ha a ntse a matha a tšohile hore a balehe, joale mora eo a oela ’me a holofala. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe.+

  • 2 Samuele 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ha Mefiboshethe mora oa Jonathane mora oa Saule a kena ho Davida, hang-hang a itihela fatše ka sefahleho ’me a khumama.+ Joale Davida a re: “Mefiboshethe!” eaba o re: “Mohlanka oa hao ke enoa.”

  • 2 Samuele 19:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Ha e le Mefiboshethe+ setloholo sa Saule, a theoha ho tla kopana le morena; ’me o ne a sa ka a hlokomela maoto+ a hae kapa a hlokomela litelu+ tsa hae tse holim ’a molomo kapa a hlatsoa liaparo tsa hae ho tloha letsatsing leo ka lona morena a tsamaileng ho fihlela letsatsing leo ka lona a tlileng ka khotso.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela