17 Joale basali ba baahelani+ ba mo reha lebitso, ba re: “Naomi o tsoaletsoe mora.” Ba qala ho mo reha lebitso la Obede.+ Ke eena ntat’a Jese,+ ntat’a Davida.
14 Joale ’muso oa hao o ke ke oa tšoarella.+ Ka sebele Jehova o tla iphumanela monna ea ratoang ke pelo ea hae;+ ’me Jehova o tla mo beha hore e be moeta-pele+ oa batho ba hae, hobane ha ua ka ua boloka seo Jehova a u laetseng sona.”+
3 Kahoo banna bohle ba baholo+ ba Iseraele ba tla ho morena Hebrone, ’me Morena Davida a hlaba selekane+ le bona Hebrone ka pel’a Jehova; ka mor’a moo ba tlotsa+ Davida hore e be morena oa Iseraele.+