22 Ke tla itlhahisa ho uena moo ’me ke u bolelle sohle seo ke tla u laela sona bakeng sa bara ba Iseraele ke le holim ’a sekoahelo,+ pakeng tsa likerubime tse peli tse holim ’a areka ea bopaki.+
89 Joale neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ea pokano ho ea bua le eena,+ o ne a utloa lentsoe le buang le eena le tsoa ka holim ’a sekoahelo+ se holim ’a areka ea bopaki, pakeng tsa likerubime tse peli;+ ’me o ne a bua le eena.
4 Kahoo batho ba romeletsa Shilo ’me ho tloha moo ba jara areka ea selekane sa Jehova oa mabotho, ea lutseng holim ’a likerubime.+ Bara ba babeli ba Eli ba ne ba le moo le areka ea selekane sa Molimo oa ’nete, e leng Hofni le Finease.+
2 Joale Davida le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba ema ’me ba ea Baale-juda+ ho ea lata areka+ ea Molimo oa ’nete, moo ho ipiletsoang lebitsong, lebitsong+ la Jehova oa mabotho,+ ea lutseng holim ’a likerubime.+
15 Ezekiase a qala ho rapela+ ka pel’a Jehova a re: “Jehova Molimo oa Iseraele,+ ea lutseng holim ’a likerubime,+ uena u le mong u Molimo oa ’nete oa mebuso+ eohle ea lefatše.+ U entse maholimo+ le lefatše.+