Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 6:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Le se ke la latela melimo e meng, melimo leha e le efe ea lichaba tse le pota-potileng ka hohle,+

  • Deuteronoma 31:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Joale Jehova a re ho Moshe: “Bona! U tla robala le baholo-holo ba hao;+ ’me ka sebele sechaba sena se tla ema+ ’me se be le likamano tse litšila le melimo esele ea naha eo se eang+ ho eona, har’a sona, ’me ka sebele se tla mphuralla+ ’me se tlōle selekane sa ka seo ke se hlabileng le sona.+

  • 2 Likronike 15:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka lebaka leo a tsoela ka pel’a Asa ’me a re ho eena: “U nkutloe, Uena Asa le Bajuda bohle le Benjamine! Jehova o na le lōna hafeela le e-na le eena;+ haeba le mo batla,+ o tla etsa hore le mo fumane, empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+

  • Pesaleme 73:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Etsoe, bona! ba u qobang ba tla timela.+

      Ka sebele u tla khutsisa e mong le e mong eo ka boitšoaro bo sa amoheleheng a u sieang.+

  • Esaia 1:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Bafetoheli le ba nang le sebe ba tla oa ka nako e tšoanang,+ ’me ba furallang Jehova ba tla fela.+

  • Jeremia 2:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Bobe ba hao bo lokela ho u khalemela,+ le liketso tsa hao tsa ho se tšepahale li lokela ho u khalemela.+ Joale, u tsebe, ’me u bone hore ho furalla ha hao Jehova Molimo oa hao ke ntho e mpe le e bohloko,+ ’me ho ntšaba ha hoa u fihlela,’+ ho bolela ’Musi+ Morena, Jehova oa mabotho.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela