Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 joale ’na ke tla le etsa se latelang, ’me e le kotlo ka sebele ke tla le tlisetsa pherekano le lefuba+ le feberu e chesang, tse etsang hore mahlo a felloe+ ke matla le tse etsang hore moea o tepelle.+ Le tla jalla peō ea lōna lefeela, etsoe ka sebele lira tsa lōna li tla e ja.+

  • Deuteronoma 28:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 “Etlare haeba u sa mamele lentsoe la Jehova Molimo oa hao ka hore u ele hloko ho phetha litaelo tsohle tsa hae le litaelo tsa hae tse hlomamisitsoeng tseo ke u laelang tsona kajeno, le bomalimabe bona bohle bo tla tla holim ’a hao ’me bo u fihlele:+

  • Deuteronoma 30:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 kea le bolella kajeno hore ka sebele le tla timela.+ Le ke ke la lelefatsa matsatsi a lōna naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua.

  • Joshua 23:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 ka sebele le lokela ho tseba hore Jehova Molimo oa lōna a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena ka lebaka la lōna;+ ho lōna li tla ba joaloka sefi le joaloka leraba le joaloka chapo mahlakoreng a lōna+ le joaloka meutloa ka mahlong a lōna ho fihlela le timetse lefatšeng lena le letle leo Jehova Molimo oa lōna a le fileng lona.+

  • Daniele 9:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Bohle ba Iseraele ba tlōtse molao oa hao, ’me ho bile le ho kheloha ka ho se mamele lentsoe la hao,+ hoo u re tšolletseng bomalimabe le kano e hlapanyelitsoeng+ e ngotsoeng molaong oa Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete, kaha re Mo sitetsoe.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela