Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 2:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ke mang ea ka bang le matla a ho mo hahela ntlo?+ Etsoe maholimo le leholimo la maholimo a ke ke a mo lekana,+ ’me ’na ke mang+ hore ke mo hahele ntlo haese hore ke etse mosi oa sehlabelo ka pel’a hae?+

  • Nehemia 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 “Ke uena Jehova u le mong;+ u entse maholimo,+ esita le leholimo la maholimo, le lekhotla+ lohle la ’ona, lefatše+ le sohle se holim ’a lona,+ maoatle+ le sohle se ho ’ona;+ ’me kaofela u li boloka li phela; makhotla+ a maholimo aa u inamela.

  • Pesaleme 148:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,+

      Etsoe lebitso la hae ke lona feela le phahameng ka tsela e ke keng ea fihleloa.+

      Ho hlompheha ha hae ho ka holim’a lefatše le leholimo.+

  • Esaia 40:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ke mang ea lekantseng metsi ka seatla,+ a lekanya boholo ba maholimo ka boahlamo+ ba seatla ’me a akarelletsa lerōle la lefatše tekanyong eo,+ kapa a lekanya lithaba ka kofuto e lekanyang, le maralla ka sekala?

  • Liketso 17:24
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 24 Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona, e leng Morena oa leholimo le lefatše,+ ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela