5 “Khutla, ’me u re ho Ezekiase moeta-pele+ oa sechaba sa ka, ‘Sena ke seo Jehova Molimo+ oa moholo-holo oa hao Davida a se boletseng: “Ke utloile+ thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Bona! kea u folisa.+ Ka letsatsi la boraro u tla nyolohela ntlong ea Jehova.+
13 Leha ho le joalo, lengeloi la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Zakaria, hobane thapeli ea hao e utloiloe+ ka mokhoa o amohelehang, ’me mosali oa hao Elizabetha o tla u tsoalla mora, ’me u tla mo reha lebitso la Johanne.+
12 Etsoe mahlo+ a Jehova a talimile ba lokileng, ’me o sekehela thapeli ea bona tsebe;+ empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”+