8 Jehova a halefela+ Bajuda le ba Jerusalema, hoo a ileng a ba etsa ntho eo ho thothomeloang ka lebaka la eona,+ ntho e makalloang+ le sesosa sa ho letsa mololi,+ feela joalokaha le iponela ka mahlo.
8 Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e makalloang le ntho e letsetsoang mololi.+ E mong le e mong oa ho qetela ea fetang ho oona o tla o sheba ka ho makala ’me a letse mololi ka lebaka la likotlo tsohle tsa oona.+
12 A phetha mantsoe a hae ao a neng a a buile khahlanong le rōna+ le khahlanong le baahloli ba rōna ba ileng ba re ahlola,+ ka ho re tlisetsa tlokotsi e khōlō, eo e kang eona e e-s’o ka e etsoa tlas’a maholimo ’ohle joaloka e entsoeng Jerusalema.+