Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 “Sena ke seo Cyruse morena oa Persia+ a se boletseng, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile+ mebuso eohle ea lefatše, ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, e Juda.+ Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho+ ba hae, Jehova Molimo oa hae a be le eena.+ Kahoo a ke a nyolohe.’”+

  • Esdrase 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Ka selemo sa pele sa Cyruse+ morena oa Persia, e le hore lentsoe la Jehova le tsoang molomong oa Jeremia+ le ka phethahala, Jehova a tsosa+ moea oa Cyruse morena oa Persia molota hoo a ileng a fetisa mohoo+ ho pholletsa le sebaka sohle se pusong ea hae, a ba a o ngola,+ o reng:

  • Esdrase 6:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Ka selemo sa pele sa Morena Cyruse,+ Morena Cyruse o ile a fana ka taelo malebana le ntlo ea Molimo e Jerusalema: Ntlo e ke e tsosolosoe hore e be sebaka seo ba lokelang ho nyehela mahlabelo ho sona,+ ’me metheo ea eona e lokela ho tiisoa, bophahamo ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng, bophara ba eona e be litsoe tse mashome a tšeletseng,+

  • Esaia 44:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Ea reng ka Cyruse,+ ‘Ke molisa oa ka, ’me o tla phetha ka ho feletseng sohle seo ke se thabelang’;+ esita le ha ke re ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa,’ le ka tempele, ‘Motheo oa hao o tla raloa.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela