Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Tšimolohong+ Molimo+ o ile a bōpa+ maholimo le lefatše.+

  • Deuteronoma 10:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Etsoe Jehova Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo+ le Morena oa marena,+ Molimo e moholo, ea matla le ea tšabehang,+ ea sa tšoareng le ea mong ka leeme+ leha e le ho amohela tjotjo,+

  • Deuteronoma 32:31
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 31 Etsoe lefika la bona ha le tšoane le Lefika la rōna,+

      Esita le lira tsa rōna li ka etsa qeto.+

  • Esdrase 1:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Mang kapa mang ea har’a lōna bohle batho ba hae, e se eka Molimo oa hae a ka ba le eena.+ Kahoo a ke a nyolohele Jerusalema, e Juda, ’me a tsosolose ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele—ke eena Molimo oa ’nete+—e neng e le Jerusalema.+

  • Pesaleme 145:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Jehova o moholo ’me o lokela ho rorisoa haholo,+

      Boholo ba hae bo ke ke ba batlisisoa.+

  • Daniele 2:47
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 47 Morena a bua le Daniele ’me a re: “Kannete Molimo oa lōna ke Molimo oa melimo+ le Khosi ea marena+ le Mosenoli oa liphiri, hobane u khonne ho senola sephiri sena.”+

  • Daniele 4:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 “Bofelong ba matsatsi ao+ ’na, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo maholimong,+ ’me kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na; ka boka Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ka rorisa le ho tlotlisa Ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me ’muso oa hae o teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+

  • Daniele 6:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Ke fana ka taelo+ ea hore, sebakeng se seng le se seng sa ’muso oa ka, batho ba lokela ho thothomela le ho tšoha ka pel’a Molimo oa Daniele.+ Etsoe ke Molimo ea phelang le Ea mamellang ho isa linakong tse sa lekanyetsoang,+ ’me ’muso+ oa hae ke o ke keng oa senngoa,+ ’me puso ea hae ke ea ka ho sa feleng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela