Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 1:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Lisebelisoa tsohle tsa khauta le tsa silevera li ne li le likete tse hlano le makholo a mane. Sheshebazare+ a nyolla ntho e ’ngoe le e ’ngoe, hammoho le ho ntša batho ba neng ba le kholehong+ Babylona hore ba ee Jerusalema.

  • Esdrase 5:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Le lijana+ tsa khauta le silevera tsa ntlo ea Molimo tseo Nebukadnezare a neng a li ntšitse tempeleng, e neng e le Jerusalema, ’me a li tlisa tempeleng ea Babylona,+ Morena Cyruse+ a li ntša ka tempeleng ea Babylona, ’me tsa fuoa Sheshebazare,+ e leng lebitso la eo a ileng a mo etsa ’musisi.+

  • Daniele 1:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Ka mor’a nako Jehova a nehelana ka Jojakime morena oa Juda+ le karolo ea lisebelisoa+ tsa ntlo ea Molimo oa ’nete letsohong la hae, hoo a ileng a li tlisa naheng ea Shinare+ ka tlung ea molimo oa hae; a tlisa lisebelisoa ka tlung ea matlotlo ea molimo oa hae.+

  • Daniele 5:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Belshatsare, a le tlas’a tšusumetso ea veine,+ a re ho tlisoe lijana tsa khauta le tsa silevera+ tseo ntat’ae Nebukadnezare a neng a li tlositse tempeleng e neng e le Jerusalema, hore morena le matona a hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba noele ho tsona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela