Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 3:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Ka selemo sa bobeli sa ho tla ha bona ntlong ea Molimo oa ’nete Jerusalema, ka khoeli ea bobeli,+ Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le Jeshua+ mora oa Jozadake le barab’abo bona ba bang kaofela, baprista le Balevi, le bohle ba neng ba tsoile kholehong+ ho tla Jerusalema ba qala; joale ba beha Balevi+ boemong ba ho sebeletsa e le batsamaisi ba mosebetsi oa ntlo ea Jehova+ ho tloha ka ba lilemo li mashome a mabeli ho ea holimo.

  • Esdrase 5:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Joale Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ema ’me ba qala ho tsosolosa ntlo ea Molimo, e neng e le Jerusalema; baprofeta ba Molimo+ ba ne ba e-na le bona ba ba thusa.

  • Hagai 1:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Zorobabele+ mora oa Shalatiele, le moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake,+ le bohle ba setseng ba sechaba ba qala ho mamela lentsoe la Jehova Molimo+ oa bona, le mantsoe a moprofeta Hagai,+ joalokaha Jehova Molimo oa bona a ne a mo romile; ’me batho ba qala ho tšoha ka lebaka la Jehova.+

  • Hagai 2:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 “‘Empa joale e-ba matla, Uena Zorobabele,’ ho bolela Jehova, ‘’me u be matla,+ Uena moprista ea phahameng Joshua mora oa Jozadake.’

      “‘Le be matla, lōna batho bohle ba naha,’ ho bolela Jehova, ‘’me le sebetse.’+

      “‘Etsoe ke na le lōna,’+ ho bolela Jehova oa mabotho.

  • Zakaria 3:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 A mpontša moprista ea phahameng Joshua+ a eme ka pel’a lengeloi la Jehova, ’me Satane+ a eme ka letsohong la hae le letona e le hore a mo hanyetse.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela