9 Etsoe, ha e le Jehova, mahlo+ a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše+ lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo+ tsa bona li feletseng ho eena. U entse ka booatla+ mabapi le sena, etsoe ho tloha joale ho ea pele ho tla ba le lintoa khahlanong le uena.”+
6 Esdrase ea boletsoeng a nyoloha Babylona; e ne e le mokopitsi ea nang le tsebo+ oa molao oa Moshe,+ oo Jehova Molimo oa Iseraele a neng a fane ka oona, hoo morena a ileng a mo neha sohle seo a se kōpang,+ ho ea ka letsoho la Jehova Molimo oa hae le holim ’a hae.
28 O mpontšitse mosa o lerato+ ka pel’a morena le baeletsi+ ba hae le mabapi le likhosana tsohle tse matla tsa morena. Ke ile ka imatlafatsa ho ea ka letsoho+ la Jehova Molimo oa ka le holim ’a ka, ’me ka qala ho bokella ba ka sehloohong ho tsoa Iseraele hore ba nyolohe le ’na.
6 Tumellanong le hoo la araba ’me la re ho ’na: “Lena ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng, ‘“Eseng ka lebotho la sesole,+ kapa ka matla,+ empa ka moea oa ka,”+ ho boletse Jehova oa mabotho.