15 U ba tlotse feela joalokaha u tlotsitse ntat’a bona,+ ’me kahoo ba tla sebetsa e le baprista ba ka, ’me ho tlotsoa ha bona e tla ba boprista ho bona ka ho tsoelang pele ho isa nakong e sa lekanyetsoang melokong ea bona.”+
13 E tla ba selekane sa boprista ho isa nakong e sa lekanyetsoang bakeng sa hae le bana ba hae ka mor’a hae,+ ka lebaka la hore ha aa ka a mamella tlhōlisano ea letho mabapi le Molimo+ oa hae ’me o koahetse libe tsa bara ba Iseraele.’”+