21 Matsatsing ao ha Mordekai a lutse hekeng ea morena, Bigthane le Tereshe, balaoli ba morena ba babeli, balebeli ba monyako, ba ile ba halefa ’me ba ’na ba batla ho isa Morena Assueruse letsoho.+
2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le hekeng ea morena+ ba ne ba inama ’me ba itihela fatše ka lifahleho ho Hamane, etsoe morena o ne a laetse joalo mabapi le eena. Empa ha e le Mordekai, o ne a sa iname kapa a itihele fatše ka sefahleho.+