“Jehova Molimo oa baholo-holo+ ba rōna, na ha u Molimo maholimong,+ ’me na ha u laole mebuso eohle ea lichaba,+ ’me na ha ho na matla le bonatla letsohong la hao, hoo ho seng ea ka emang a tiile khahlanong le uena?+
35 Baahi bohle ba lefatše ba nkoa e le lefeela,+ ’me o etsa ho ea ka thato ea hae har’a makhotla a maholimo le ho baahi ba lefatše.+ Ha ho ea ka thibang letsoho la hae+ kapa ea ka reng ho eena, ‘U ne u ntse u etsa’ng?’+
17 Ka hona, haeba Molimo a ile a ba fa mpho e tšoanang e sa lefelloeng joalokaha a ile a fa le rōna ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste,+ ’na ke ne ke le mang hore nka khona ho sitisa Molimo?”+
19 Ka hona u tla re ho ’na: “Ke hobane’ng ha a sa ntse a fumana molato? Etsoe ke mang ea emeng khahlanong le thato+ e boletsoeng ka ho hlakileng ea hae?”