Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 15:39
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 39 ‘E tla ba mophetho o litjellane bakeng sa lōna, ’me le tla o bona ’me le hopole litaelo+ tsohle tsa Jehova ’me le li phethe, ’me le se ke la latela lipelo tsa lōna le mahlo a lōna,+ tseo le li latelang ka likamano tse litšila.+

  • Moeklesia 11:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Mohlankana, u thabele+ bocha ba hao, ’me pelo ea hao e u etsetse se molemo matsatsing a bohlankana ba hao, ’me u tsamaee ka litsela tsa pelo ea hao le ka lintho tse bonoang ke mahlo a hao.+ Empa tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la tsena tsohle.+

  • Ezekiele 6:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Ka sebele ba phonyohileng ba lōna ba tla nkhopola har’a lichaba tseo ba tla beng ba isitsoe kholehong ho tsona,+ hobane ke utloisitsoe bohloko ke lipelo tsa bona tse etsang bohlola tse suthetseng thōko le ’na+ le mahlo a bona a latelang ka bohlola litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang;+ ka sebele lifahlehong tsa bona ba tla nyonya lintho tse mpe tseo ba li entseng linthong tsohle tsa bona tse manyala.+

  • Matheu 5:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.+ Etsoe ho molemo haholo ho uena hore u lahleheloe ke se seng sa litho tsa hao ho e-na le hore ’mele oohle oa hao o lahleloe+ Gehena.

  • 1 Johanne 2:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng+—takatso ea nama+ le takatso ea mahlo+ le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso+—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela