12 bona! ka sebele ke tla etsa tumellanong le mantsoe a hao.+ Bona! Ka sebele ke tla u fa pelo e bohlale le e nang le kutloisiso,+ hoo ho seng ea tšoanang le uena ea bileng teng pele ho uena, ’me ka mor’a hao ho ke ke ha hlaha ea tšoanang le uena.+
29 Molimo a tsoela pele ho fa Solomone bohlale+ le kutloisiso+ ka tekanyo e khōlō haholo le pelo e pharaletseng,+ joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.+
26 Etsoe o file motho ea molemo ka pel’a hae+ bohlale le tsebo le thabo,+ empa o file moetsalibe mosebetsi oa ho bokella le ho phutha hore feela a fe ea molemo ka pel’a Molimo oa ’nete.+ Sena le sona ke lefeela le ho lelekisa moea.+
17 Ha e le bana bana, ka bone ba bona, Molimo oa ’nete a ba fa tsebo le temohisiso ea mongolo oohle le bohlale;+ Daniele o ne a e-na le kutloisiso ea lipono tsa mefuta eohle le litoro.+
25 Ka nako eo ha Jesu a arabela a re: “Ke u rorisa phatlalatsa, Ntate, Morena oa leholimo le lefatše, hobane u patetse ba bohlale le ba nang le kelello lintho tsena ’me u li senoletse bana.+
5 Kahoo, haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale,+ a ’ne a kōpe Molimo,+ hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle a bile a sa nyelise;+ ’me o tla bo fuoa.+