Pesaleme 146:4 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 4 Moea oa hae oa tsoa,+ eena o khutlela lerōleng la hae;+Ka letsatsi leo menahano ea hae ea timela.+ Moeklesia 9:10 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao,+ etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+ Esaia 57:2 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 2 O kena khotsong;+ ba phomola+ libetheng tsa bona,+ e mong le e mong ea tsamaeang ka ho loka.+
10 Sohle seo letsoho la hao le fumanang hore le ka se etsa, u se etse ka matla a hao,+ etsoe ha ho mosebetsi kapa morero kapa tsebo+ kapa bohlale+ Sheole,+ e leng sebaka seo u eang ho sona.+