Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 19:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 O ile a beha moea oa hae seatleng+ sa hae ’me a bolaea Bafilista,+ hoo Jehova a ileng a tlisetsa Baiseraele bohle poloko+ e khōlō. U e bone, ’me ua thaba. Kahoo ke hobane’ng ha u ka siteloa mali a hlokang molato ka ho etsa hore Davida a bolaeloe+ lefeela?”+

  • Pesaleme 38:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ba ne ba mputsa ka bobe bakeng sa botle;+

      Ba ’na ba nkhanyetsa e le puseletso bakeng sa ho phehella ha ka se molemo.+

  • Pesaleme 109:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  5 Ba ’neha bobe bakeng sa molemo+

      Le lehloeo bakeng sa lerato la ka.+

  • Jeremia 18:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Na botle bo lokela ho buseletsoa ka bobe?+ Etsoe ba epetse moea oa ka sekoti.+ Hopola ha ke eme ka pel’a hao hore ke bue se molemo malebana le bona, ho khutlisa khalefo ea hao ho bona.+

  • Johanne 10:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Jesu a ba araba: “Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle e tsoang ho Ntate. Le ntlepetsa ka majoe ka lebaka la mosebetsi ofe ho eona?”

  • Johanne 18:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Jesu a mo araba: “Haeba ke buile ka phoso, paka malebana le phoso eo; empa haeba ke ka nepo, u nkotlela’ng?”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela