20 Empa Jehova oa mabotho o ahlola ka ho loka;+ o hlahloba liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona, etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+
10 ’Na, Jehova, ke hlahloba pelo,+ ke phenya liphio,+ esita le ho fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae,+ ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.+
12 Empa uena, Jehova oa mabotho, u hlahloba ea lokileng;+ u bona liphio le pelo.+ E se eka nka bona phetetso ea hao ho bona,+ etsoe ke u senoletse nyeoe ea ka.+
23 Ke tla bolaea bana ba hae ka lefu la seoa le bolaeang, e le hore liphutheho tsohle li tle li tsebe hore ke ’na ea phenyang liphio le lipelo, ’me ke tla le fa ka bomong ho ea ka liketso tsa lōna.+