24 “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli; kaha o tla hloea e mong ’me a rate e mong,+ kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la ba makhoba a Molimo le a Maruo.+
15 Joale a re ho bona: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono+ ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.”+
17 Fana ka litaelo ho ba ruileng+ tsamaisong ea hona joale ea lintho hore ba se ke ba iphahamisa,+ le hore ba se ke ba beha tšepo ea bona maruong+ a sa tsitsang, empa ba e behe ho Molimo, ea re fang lintho tsohle ka ho enneng hore re li thabele;+
16 hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng+—takatso ea nama+ le takatso ea mahlo+ le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso+—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.+