Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 33:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Eaba o re:

      “Jehova—o tlile a tsoa Sinai,+

      ’Me a ba chabela a le Seire.+

      O ile a khanya a le sebakeng se lithaba sa Parane,+

      ’Me o ne a e-na le limiriade tse halalelang,+

      Letsohong la hae le letona e le bahlabani ba tsona.+

  • 2 Marena 6:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Elisha a qala ho rapela+ ’me a re: “Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo+ a hae, e le hore a ka bona.” Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi+ tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.+

  • Daniele 7:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Ho ne ho e-na le molapo oa mollo o phallang ’me o tsoa ka pel’a hae.+ Ho ne ho e-na le ba likete tse sekete ba ntseng ba mo sebeletsa,+ le ba likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome ba ntseng ba eme ka pel’a hae.+ Lekhotla+ la lula, ’me ha e-ba le libuka tse ileng tsa phetloa.

  • Matheu 26:53
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 53 Kapa u nahana hore nke ke ka ipiletsa ho Ntate hore a mphe ka oona motsotso oo lilegione tse fetang leshome le metso e ’meli tsa mangeloi?+

  • Tšenolo 5:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka talima, ’me ka utloa lentsoe la mangeloi a mangata ho pota terone le libōpuoa tse phelang le baholo, ’me palo ea ’ona e ne e le limiriade tsa limiriade+ le likete tsa likete,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela