15 Tsa qala ho koahela bokaholimo bo bonahalang ba naha eohle,+ ’me naha ea fifala;+ tsa tsoela pele ho ja limela tsohle tsa naha le lifate tsohle tsa litholoana tseo sefako se li siileng;+ ’me ha hoa ka ha sala letho le letala lifateng kapa limeleng tsa naha naheng eohle ea Egepeta.+
7Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a ileng a etsa hore ke se bone, ’me, bonang! o ne a etsa sehlopha sa litsie ha ho qala ho hlaha se jaloang hamorao.+ Bonang! E ne e le se jaloang hamorao ka mor’a joang bo kutiloeng ba morena.