Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 29:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Jehova o lutse holim’a moroallo;+

      Jehova o lula e le morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+

  • Pesaleme 145:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Borena ba hao ke borena ho isa linakong tsohle tse sa lekanyetsoang,+

      Puso ea hao e pholletsa le meloko eohle e latellanang.+

  • Jeremia 10:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa kannete Jehova ke Molimo.+ Ke Molimo ea phelang+ le Morena ho isa nakong e sa lekanyetsoang.+ Lefatše le tla reketla ka lebaka la khalefo ea hae,+ ’me ha ho na lichaba tse tla tiisetsa tlas’a nyatso ea hae.+

  • Daniele 4:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 “Bofelong ba matsatsi ao+ ’na, Nebukadnezare, ka phahamisetsa mahlo maholimong,+ ’me kutloisiso ea ka ea qala ho khutlela ho ’na; ka boka Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ ka rorisa le ho tlotlisa Ea phelang ho isa nakong e sa lekanyetsoang,+ hobane bobusi ba hae ke bobusi ho isa nakong e sa lekanyetsoang ’me ’muso oa hae o teng ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.+

  • 1 Timothea 1:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Joale ho Morena oa bosafeleng,+ ea ke keng a bola,+ ea sa bonahaleng,+ eo e leng eena feela Molimo,+ e be tlhompho le khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela