11 O tla alosa mohlape oa hae joaloka molisa.+ O tla bokella likonyana ka letsoho la hae;+ o tla li beha sefubeng.+ Tse anyesang o tla li tsamaisa ka tlhokomelo.+
10 Utloang lentsoe la Jehova, Lōna lichaba, ’me le le bolelle lihlekehleke tse hōle,+ le re: “Ea hasanyang Iseraele o tla e bokella,+ ’me ka sebele o tla e boloka joalokaha molisa a boloka mohlape oa hae.+
12 Ho ea ka tlhokomelo ea ea fepang mohlape oa hae+ letsatsing la ha a le ka har’a linku tsa hae tse hasantsoeng hohle,+ ke tsela eo ke tlang ho hlokomela linku tsa ka ka eona; ’me ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona letsatsing la maru le la botšo bo boholo.+