Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Phetetso ke ea ka, le tefetso.+

      Ka nako e behiloeng maoto a bona a tla therekela,+

      Etsoe letsatsi la koluoa ea bona le haufi,+

      Le liketsahalo tse ba loketseng lia potlaka.’+

  • Esaia 35:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng:+ “E-bang matla.+ Le se ke la tšoha.+ Bonang! Molimo oa lōna o tla tla ka phetetso,+ Molimo a tle ka puseletso.+ O tla tla ’me a le pholose.”+

  • Jeremia 50:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 “Ho na le molumo oa ba balehang le ba phonyohang naheng ea Babylona+ hore ba bolele phetetso ea Jehova Molimo oa rōna Sione,+ phetetso bakeng sa tempele ea hae.+

  • Nahume 1:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Jehova ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng+ le ea iphetetsang; Jehova oa iphetetsa+ ’me o na le tšekamelo ea ho halefa.+ Jehova o iphetetsa khahlanong le bahanyetsi ba hae,+ ’me o na le khalefo ho lira tsa hae.+

  • Baroma 12:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Le se ke la iphetetsa,+ baratuoa, empa le fe khalefo+ sebaka; kaha ho ngoliloe: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.”+

  • 1 Bathesalonika 4:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena,+ hobane Jehova ke eena ea batlang hore ho fanoe ka kotlo bakeng sa lintho tsena kaofela,+ feela joalokaha re ile ra le bolella esale pele ’me hape ra le fa bopaki bo phethahetseng.+

  • 2 Bathesalonika 1:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Sena ke ho ela hloko hore ho lokile hore Molimo a busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang,+

  • Baheberu 10:30
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 30 Etsoe rea mo tseba ea ileng a re: “Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa”;+ hape: “Jehova o tla ahlola batho+ ba hae.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela