Pesaleme 49:10 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 10 Etsoe oa bona hore esita le ba bohlale baa shoa,+Ea hlokang kelello le ea sa nahaneng ba timela hammoho,+Ba tla siela ba bang seo ba iphelisang ka sona.+ Pesaleme 73:22 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 22 Ke ne ke sa nahane ’me ke ne ke sa tsebe;+Ke ile ka ba joaloka liphoofolo ponong ea hao.+ Pesaleme 92:6 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 6 Ha ho motho ea sa nahaneng ea ka e tsebang,+Ha ho ea hlokang kelello ea ka utloisisang sena.+ Liproverbia 12:1 Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang 12 Ea ratang taeo o rata tsebo,+ empa ea hloileng khalemelo ha a nahane.+
10 Etsoe oa bona hore esita le ba bohlale baa shoa,+Ea hlokang kelello le ea sa nahaneng ba timela hammoho,+Ba tla siela ba bang seo ba iphelisang ka sona.+