Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 1:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Molimo a bitsa naha e omileng Lefatše,+ empa pokello ea metsi a e bitsa Maoatle.+ Ho ekelletsa moo, Molimo a bona hore ho molemo.+

  • Jobo 38:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Ka re, ‘U ka fihla bohōleng bona, eseng ho fetela pele;+

      Maqhubu a hao a phahameng a lekanyelitsoe+ ho fihla mona’?

  • Liproverbia 8:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 ha a behela leoatle molao-taelo oa hae e le hore metsi a se ke a fetela ka nģ’ane ho taelo ea hae,+ ha a laela hore ho be le metheo ea lefatše,+

  • Jeremia 5:22
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 22 ‘Na ha le ntšabe,’+ ho bolela Jehova, ‘kapa na ha le utloe bohloko bo boholo ka lebaka la ka,+ ’na ea behileng lehlabathe e le moeli oa leoatle, e le molao oa tsamaiso o hlolang ka nako e sa lekanyetsoang oo le ke keng la o feta? Le hoja maqhubu a lona a ikakhotsa, ho ntse ho le joalo a ke ke a hlōla; ’me le hoja a loebehlana, ho ntse ho le joalo a ke ke a o feta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela