Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 60:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 60 “Tsoha,+ Uena mosali, khantša leseli,+ etsoe leseli la hao le tlile+ ’me khanya ea Jehova e u chabetse.+

  • Esaia 66:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 “Ke tla beha pontšo+ har’a bona, ’me ke tla romela ba bang ba ba phonyohetseng lichabeng,+ Tarshishe,+ Pule, le Lude,+ ba hulang seqha, Tubale le Javane,+ lihlekehleke tse hōle,+ ba sa kang ba utloa tlaleho ea ka kapa ba bona khanya ea ka;+ ’me ka sebele ba tla bolela khanya ea ka har’a lichaba.+

  • Matheu 28:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba+ tsohle barutuoa,+ le ba kolobetse+ ka lebitso la Ntate+ le la Mora+ le la moea o halalelang,+

  • 1 Petrose 2:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Empa le “morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang,+ batho bakeng sa letlotlo le khethehileng,+ e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang”+ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.+

  • Tšenolo 14:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng,+ ’me le ne le e-na le litaba tse molemo+ tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela