Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 25:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Kahoo Iseraele ea ikamahanya le Baale oa Peore;+ ’me bohale ba Jehova ba qala ho tukela Iseraele.+

  • Numere 31:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Bonang! Ke bona bao, ka polelo ea Balame, ba ileng ba hlohlelletsa bara ba Iseraele hore ba se ke ba tšepahala+ ho Jehova tabeng ea Peore,+ hoo lefu la seoa le ileng la tlela phutheho ea Jehova.+

  • Deuteronoma 4:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 “Mahlo a lōna a bone seo Jehova a se entseng tabeng ea Baale oa Peore,+ hore motho e mong le e mong ea neng a latela Baale oa Peore ke eena eo Jehova Molimo oa lōna a ileng a mo felisa har’a lōna.+

  • Deuteronoma 32:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ba qala ho etsetsa bademona mahlabelo, eseng Molimo,+

      Melimo eo ba sa kang ba e tseba,+

      E mecha e sa tsoa hlaha,+

      Eo baholo-holo ba lōna ba neng ba sa e tsebe.

  • Hosea 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 “Ke fumane Baiseraele joaloka morara lefeelleng.+ Ke bone baholo-holo ba lōna joaloka feiga e butsoang pele tšimolohong ea eona sefateng sa feiga.+ Ba ile ho Baale oa Peore,+ ’me ba qalile ho inehela nthong e hlabisang lihlong,+ ’me ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela