Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Baahloli 3:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 9 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso.+ Joale Jehova a hlahisetsa bara ba Iseraele mopholosi+ e le hore a ka ba pholosa, Othniele+ mora oa Kenaze,+ moena oa Kalebe.+

  • Baahloli 4:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Bara ba Iseraele ba qala ho hoeletsa ho Jehova,+ hobane o ne a e-na le likoloi tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe+ tse makholo a robong, ’me o ne a hateletse bara ba Iseraele+ ka thata ka lilemo tse mashome a mabeli.

  • Baahloli 10:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Empa bara ba Iseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe.+ Re etse ho ea ka ntho leha e le efe e molemo mahlong a hao.+ Ka kōpo, u mpe u re lopolle, letsatsing lena.”+

  • 1 Samuele 7:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Kahoo bara ba Iseraele ba re ho Samuele: “U se ke ua khutsa ho hoeletsa ho kōpa thuso molemong oa rōna ho Jehova Molimo oa rōna,+ e le hore a ka re pholosa matsohong a Bafilista.”

  • Nehemia 9:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 “Empa hang ha ba phomotse, ba ne ba boela ba etsa se sebe ka pel’a hao,+ ’me u ne u ba tlohela matsohong a lira tsa bona, tse neng li ba hatakela.+ Joale ba ne ba khutla ’me ba hoeletsa ho uena ho kōpa thuso,+ ’me u ne u utloa u le maholimong+ ’me u ba lopolla tumellanong le mohau oa hao o mongata, nako le nako.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela