36 Ka moea o halalelang+ Davida o ile a re, ‘Jehova o itse ho Moren ’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto+ a hao.”’
34 Ke mang ea tla ahlola? Kreste Jesu ke eena ea ileng a shoa, e, ha e le hantle ke eena ea ileng a tsosoa bafung, ea ka letsohong le letona+ la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.+
3Leha ho le joalo, haeba le ile la tsosoa+ le Kreste, le tsoele pele le batla lintho tse holimo,+ moo Kreste a lutseng ka letsohong le letona la Molimo.+
3 Ke ponahatso ea khanya+ ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng+ ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla+ a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe+ tsa rōna o ile a lula ka letsohong le letona+ la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.+
8Joale ha e le ka lintho tseo ho ntseng ho buisanoa ka tsona ntlha ea sehlooho ke ena: Re na le moprista ea phahameng+ ea joaloka enoa, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Ea Boholo bo Hlomphehang maholimong,+
2 ha re ntse re talimile ka hloko Moemeli ea ka Sehloohong+ le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna,+ Jesu. Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae o ile a mamella+ thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.+