Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 9:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Kahoo ba hana ho mamela,+ ’me ha baa ka ba hopola+ liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng ua li etsa ka bona, empa ba satalatsa melala ea bona+ ’me ba beha eo e leng hlooho+ hore ba khutlele bohlankeng ba bona Egepeta. Empa u Molimo oa liketso tsa tšoarelo,+ ea mosa+ le ea mohau,+ ea liehang ho halefa+ le ea tletseng+ mosa o lerato, ’me ha ua ka ua ba tlohela.+

  • Mikea 7:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 O tla boela a re bontše mohau;+ o tla beha liphoso tsa rōna tlaase.+ U tla lahlela libe tsohle tsa bona bolibeng ba leoatle.+

  • Luka 6:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Tsoelang pele ho ba mohau, feela joalokaha Ntat’a lōna a le mohau.+

  • Baefese 4:32
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 32 Empa le bontšane mosa,+ le be le qenehelo e bonolo,+ le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.+

  • Bakolose 3:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi+ haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo+ khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi,+ le etse joalo le lōna.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela