Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 15:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Etsoe ka seatla se bulehileng le lokela ho mo fuparollela liatla tsa lōna+ ’me le mo alime ka tebeletso ka hohle kamoo a hlokang kateng, e leng seo a haelloang ke sona.

  • Jobo 31:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Haeba ke ne ke hanela ba tlaase ka seo ba se thabelang,+

      Ke ne ke etsa hore mahlo a mohlolohali a felloe ke matla,+

  • Pesaleme 37:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 Letsatsi lohle o bontša mohau ’me oa alimana,+

      Kahoo bana ba hae ba mocheng oa tlhohonolofatso.+

  • Pesaleme 41:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea tlaase;+

      Jehova o tla mo pholosa letsatsing la tlokotsi.+

  • Liproverbia 14:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Ea nyelisang oa habo o etsa sebe,+ empa ho thaba ea bontšang mohau ho ba hlorileng.+

  • Liproverbia 17:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ea fetolang ea nang le ho honyenyane litšeho o nyelisitse Moetsi oa hae.+ Ea thabelang koluoa ea e mong a ke ke a lokoloha kotlong.+

  • Liproverbia 19:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Ea bontšang mohau ho ea tlaase o alima Jehova,+ ’me O tla mo buseletsa tšoaro ea hae.+

  • Liproverbia 21:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Ha e le mang kapa mang ea thibang tsebe ea hae hore e se ke ea utloa mohoo o belaelang oa ea tlaase,+ le eena o tla hooa ’me a ke ke a arajoa.+

  • Luka 6:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ho fapana le hoo, le tsoele pele ho rata lira tsa lōna le ho etsa se molemo le ho alimana+ ntle le phaello, le sa tšepe ho boelloa ke letho; moputso oa lōna o tla ba moholo, ’me le tla ba bara ba Ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ hobane o mosa+ ho ba se nang teboho le ba khopo.

  • Luka 23:50
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 50 Bonang! Monna e mong ea bitsoang Josefa, eo e neng e le setho sa Lekhotla, monna+ ea molemo le ea lokileng—

  • Liketso 20:35
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 35 Ke le bontšitse linthong tsohle hore ka ho sebetsa+ ka tsela ena le thuse ba fokolang,+ ’me le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e khōlō+ ho feta ho amohela.’”

  • Baheberu 13:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Ho feta moo, le se ke la lebala ho etsa se molemo+ le ho arolelana lintho le ba bang, kaha Molimo o khahlisoa+ ke mahlabelo a joalo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela