Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 12:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ke ’na enoa. Arabang khahlanong le ’na ka pel’a Jehova le ka pel’a motlotsuoa+ oa hae: Ke poho ea mang eo ke e nkileng kapa ke esele ea mang eo ke e nkileng+ kapa ke mang eo ke mo etselitseng bolotsana kapa ke mang eo ke mo hateletseng kapa ke letsohong la mang moo ke amohetseng tjotjo e le hore nka ipata mahlo ka eona?+ ’Me ke tla le buseletsa.”+

  • Jobo 1:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 1 Ho ne ho e-na le monna eo lebitso la hae e leng Jobo+ naheng ea Utse;+ monna eo o ne a sa tšoauoe phoso+ a bile a lokile,+ ’me a tšaba Molimo+ a bile a kheloha bobe.+

  • Mikea 6:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Uena motho oa lefatše, o u boleletse se molemo.+ Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka+ u rate mosa+ ’me u inyenyefatse+ ha u tsamaea le Molimo oa hao?+

  • Matheu 1:19
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 19 Leha ho le joalo, monna oa hae Josefa, kahobane o ne a lokile ’me a sa batle ho mo etsa sebonoang,+ a rera ho mo hlala+ ka sephiri.

  • Baefese 5:15
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 15 Kahoo le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang+ kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale,

  • Bakolose 4:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le ba ka ntle,+ le ithekele nako e loketseng.+

  • 1 Bathesalonika 2:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Le lipaki, Molimo le eena ke eona, kamoo re ileng ra ba ba tšepahalang le ba lokileng le ba ke keng ba tšoauoa phoso+ ho lōna balumeli.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela