Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 1:28
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 28 Ho ekelletsa moo, Molimo a ba hlohonolofatsa+ ’me Molimo a re ho bona: “Atang+ le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse,+ ’me le laole+ litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”

  • Deuteronoma 32:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  8 Ha Ea Phahameng ka ho Fetisisa a fa lichaba lefa,+

      Ha a arohanya bara ba Adama,+

      O ile a tiisa moeli oa lichaba+

      Mabapi le palo ea bara ba Iseraele.+

  • Pesaleme 37:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Ba lokileng ba tla rua lefatše,+

      Ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.+

  • Esaia 45:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Etsoe sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo,+ Eena Molimo+ oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona,+ Eena Ea le tiisitseng ka thata,+ ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi:+ “Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.+

  • Jeremia 27:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 ‘Ke entse lefatše,+ moloko oa batho+ le liphoofolo+ tse holim ’a lefatše ka matla a ka a maholo+ le ka letsoho la ka le otlolohileng;+ ’me ke li file ea lokileng mahlong a ka.+

  • Liketso 17:26
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 26 O entse ho tsoa mothong+ a le mong sechaba+ se seng le se seng sa batho, ho lula holim ’a lefatše+ lohle, ’me o laetse linako tse behiloeng+ le meeli e behiloeng ea ho lula ha batho,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela