Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 8:45
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 45 ka ho tšoanang u utloe thapelo ea bona u le maholimong le kōpo ea bona ea mohau, ’me u phethise kahlolo bakeng sa bona.+

  • Pesaleme 3:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Ke tla hoeletsa ho Jehova ka lentsoe la ka,

      O tla nkaraba a le thabeng ea hae e halalelang.+ Selah.

  • Pesaleme 46:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 46 Molimo ke setšabelo le matla a rōna,+

      Thuso e fumanoang hang-hang nakong ea mahlomola.+

  • Esaia 41:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Etsoe ’na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho+ la hao le letona, ke ’na Ea reng ho uena, ‘U se ke ua tšoha.+ Ke tla u thusa.’+

  • Jeremia 20:11
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 11 Empa Jehova o ne a e-na le ’na+ joaloka senatla se tšabehang.+ Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla khoptjoa ’me ba se ke ba hlōla.+ Ka sebele ba tla hlabisoa lihlong haholo, kahobane ba tla be ba sa atleha. Ho tlotloloha ha bona ho hlolang ka nako e sa lekanyetsoang ho ke ke ha lebaloa.+

  • Daniele 6:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Empa Daniele, hang ha a tsebile hore se ngotsoeng se ne se saennoe, a kena ka tlung ea hae, ’me, lifensetere tsa kamore ea hae e marulelong li ne li bulehetse nģ’a Jerusalema+ bakeng sa hae, esita le ka makhetlo a mararo ka letsatsi+ o ne a khumama ka mangole ’me a rapela+ le ho fana ka thoriso ka pel’a Molimo oa hae,+ joalokaha a ne a ntse a etsa kamehla pele ho sena.+

  • Baheberu 13:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 E le hore re ka ba sebete+ ’me ra re: “Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba. Motho a ka nketsa’ng?”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela