Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Nehemia 6:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Eitse hang ha lira+ tsa rōna tsohle li ho utloa le lichaba tsohle tse neng li re potolohile li ho bona, hang-hang tsa nyahama haholo mahlong a tsona, ’me tsa tseba hore mosebetsi ona o entsoe ho tsoa ho Molimo oa rōna.+

  • Esthere 6:13
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 13 Hamane a tsoela pele ho phetela mosali oa hae Zereshe+ le metsoalle eohle ea hae sohle se mo hlahetseng. Eaba banna ba hae ba bohlale+ le mosali oa hae Zereshe ba re ho eena: “Haeba Mordekai eo u qalileng ho oa ka pel’a hae o tsoa peōng ea Bajuda, u ke ke ua mo hlōla, empa ruri u tla oa ka pel’a hae.”+

  • Esthere 9:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Bajuda ba hlasela lira tsohle tsa bona ka ho li bolaea ka sabole+ le ka polao le timetso, ’me ba etsa ba ba hloileng kamoo ba ratang kateng.+

  • Esaia 37:29
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 29 Hobane ho iphahamisa ha hao khahlanong le ’na+ le ho puruma ha hao ho nyolohetse litsebeng tsa ka.+

      Ka sebele ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tōmo ea ka pakeng tsa molomo oa hao,+

      Ke tla u khutlisetsa morao ka tsela eo u tlileng ka eona.”+

  • Zakaria 12:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Letsatsing leo+ ke tla etsa Jerusalema lejoe le boima+ ho lichaba tsohle. Ruri bohle ba le phahamisang ba tla fumana mengoapo e tebileng; ’me ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla bokelloa khahlanong le eona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela