Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jobo 9:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 “Kannete kea tseba hore ho joalo.

      Empa motho ea shoang e ka ba ea nepileng joang nyeoeng le Molimo?+

  • Jobo 10:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Haeba ke entse sebe ’me u ’nile ua ntalima+

      Ha u nkuke ke le ea hlokang molato+ phosong ea ka;

  • Pesaleme 103:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle,+

      Oa hopola hore re lerōle.+

  • Pesaleme 143:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  2 U se ke ua kena kahlolong le mohlanka oa hao;+

      Etsoe ha ho ea phelang eo e ka bang ea lokileng ka pel’a hao.+

  • Esaia 55:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Motho ea khopo a tlohele tsela+ ea hae, le motho ea kotsi a tlohele menahano+ ea hae; a ke a khutlele ho Jehova, ea tlang ho mo hauhela,+ le ho Molimo oa rōna, etsoe o tla tšoarela ka tsela e khōlō.+

  • Daniele 9:18
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 18 Sekeha tsebe, Molimo oa ka, ’me u utloe.+ U tutubolle mahlo ’me u bone maemo a tšenyeho ao re leng ho ’ona le motse o ’nileng oa bitsoa ka lebitso la hao;+ etsoe hase ho ea ka liketso tsa rōna tsa ho loka re lumellang likōpo tsa rōna tse tiileng hore li oele ka pel’a hao,+ empa ke ho ea ka mehauhelo ea hao e mengata.+

  • Baroma 3:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Ka hona ka mesebetsi ea molao ha ho nama eo ho tla boleloa hore e lokile+ ka pel’a hae, kaha ka molao+ ho na le tsebo e nepahetseng ea sebe.+

  • Tite 3:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 e se ka lebaka la mesebetsi+ ea ho loka eo re neng re e entse,+ empa ho ea ka mohau+ oa hae, o ile a re pholosa ka ho hlatsoa+ ho ileng ha re tlisa bophelong+ le ka ho re etsa ba bacha ka moea o halalelang.+

  • Jakobo 3:2
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 2 Etsoe kaofela re khoptjoa hangata.+ Haeba leha e le mang a sa khoptjoe lentsoeng,+ enoa ke monna+ ea phethahetseng, ea khonang ho laola le ’mele oohle oa hae joalokaha eka ke ka tōmo.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela