Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Samuele 16:1
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 Qetellong Jehova a re ho Samuele: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae,+ ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele?+ Tlatsa lenaka la hao ka oli+ ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese+ Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”+

  • 1 Marena 11:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Ke tla fa mora oa hae moloko o le mong, e le hore mohlanka oa ka Davida a ka tsoela pele a e-na le lebone kamehla ka pel’a ka Jerusalema,+ motse oo ke ikhethetseng oona hore ke behe lebitso la ka moo.+

  • 1 Marena 15:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 4 Etsoe, ka lebaka la Davida,+ Jehova Molimo oa hae o ile a mo fa lebone+ Jerusalema ka ho hlahisa mora oa hae ka mor’a hae le ho boloka Jerusalema e le teng,+

  • 2 Likronike 21:7
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 7 Jehova o ne a sa batle ho felisa+ ntlo ea Davida, ka lebaka la selekane+ seo a neng a se hlabile le Davida, feela joalokaha a ne a itse o tla fa eena+ le bara ba hae lebone kamehla.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela