Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 7:20
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 20 Kapele-pele Moshe le Arone ba etsa joalo,+ feela joalokaha Jehova a ne a laetse,+ eaba o phahamisa molamu ’me o otla metsi a neng a le Nōkeng ea Nile ka pel’a mahlo a Faro le bahlanka ba hae,+ eaba metsi ’ohle a Nōkeng ea Nile a fetoha mali.+

  • Exoda 8:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Eaba Arone o otlolla letsoho holim ’a metsi a Egepeta, ’me lihoho tsa qala ho nyoloha le ho koahela naha ea Egepeta.

  • Exoda 8:17
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 17 Eaba ba etsa sena. Kahoo Arone a otlolla letsoho leo a tšoereng molamu oa hae ka lona eaba o otla lerōle la lefatše, ’me menoang ea e-ba holim ’a motho le phoofolo. Lerōle lohle la lefatše la fetoha menoang naheng eohle ea Egepeta.+

  • Exoda 9:6
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 6 Ka lebaka leo Jehova a etsa ntho ena letsatsing le hlahlamang, ’me mefuta eohle ea liphoofolo tse ruiloeng tsa Egepeta ea qala ho shoa;+ empa ha hoa ka ha shoa leha e le ’ngoe ea liphoofolo tse ruiloeng tsa bara ba Iseraele.

  • Exoda 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Kahoo ba nka mosili oa sebōpi ’me ba ema ka pel’a Faro, eaba Moshe o o hasanya nģ’a maholimong, ’me oa fetoha mathopa a nang le machachetsi,+ a siphohang ho motho le phoofolo.

  • Exoda 9:23
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 23 Kahoo Moshe a otlollela molamu oa hae nģ’a maholimong; ’me Jehova a hlahisa lialuma le sefako,+ eaba mollo o theohela lefatšeng, ’me Jehova a ’na a nesa sefako naheng ea Egepeta.

  • Exoda 10:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlolla+ letsoho holim ’a naha ea Egepeta bakeng sa litsie, hore li nyolohele naheng ea Egepeta ’me li je limela tsohle tsa naha, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e siiloeng ke sefako.”+

  • Exoda 10:21
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 21 Joale Jehova a re ho Moshe: “Otlollela letsoho nģ’a maholimong,+ hore lefifi le tle le be teng naheng ea Egepeta ’me lefifi leo le tšoaroe.”

  • Deuteronoma 4:34
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 34 Kapa na Molimo o ile a leka ho tla inkela sechaba har’a sechaba se seng ka bopaki,+ ka lipontšo+ le ka mehlolo+ le ka ntoa+ le ka letsoho le matla+ le ka letsoho le otlolohileng+ le ka ho tšabeha ho hoholo+ joaloka sohle seo Jehova Molimo oa lōna a le etselitseng sona Egepeta ka pel’a mahlo a lōna?

  • Nehemia 9:10
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 10 Joale ua fana ka lipontšo le mehlolo khahlanong le Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae,+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba iketelletsa pele+ khahlanong le bona; eaba u iketsetsa lebitso+ joaloka letsatsing lena.

  • Pesaleme 105:27
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 27 Ba beha ka pel’a bona litaba tsa lipontšo tsa hae,+

      Le mehlolo naheng ea Kama.+

  • Liketso 7:36
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 36 Monna enoa a ba etella pele ho tsoa+ ka mor’a ho etsa limakatso le lipontšo Egepeta+ le Leoatleng le Lefubelu+ le lefeelleng ka lilemo tse mashome a mane.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela