Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 32:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse,+

      Etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.+

      Molimo oa botšepehi,+ eo ho eena ho se nang ho hloka toka;+

      O lokile ’me o khabane.+

  • Pesaleme 19:14
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 14 Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka+

      E ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika+ la ka le Molopolli+ oa ka.

  • Pesaleme 64:9
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  9 Batho bohle ba lefatše ba tla tšoha;+

      Ba tla bolela mosebetsi oa Molimo,+

      Ka sebele ba tla ba le temohisiso mosebetsing oa hae.+

  • Pesaleme 77:12
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 12 Ka sebele ke tla thuisa ka mosebetsi oohle oa hao,+

      Ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao.+

  • Pesaleme 90:16
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 16 E se eka mosebetsi oa hao o ka bonahala ho bahlanka ba hao+

      Le bokhabane ba hao bo bonahale ho bara ba bona.+

  • Pesaleme 111:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  3 Mosebetsi+ oa hae ke ho hlompheha le bokhabane,+

      ו [Waw]

      Ho loka ha hae ho eme ka ho sa feleng.+

  • Bafilipi 4:8
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 8 Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng,+ lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela