Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 18:25
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 25 Ha ho utloahale hore u etse ka mokhoa ona, u bolaee motho ea lokileng le ea khopo hoo ho tlang ho etsahala ho motho ea lokileng joalokaha ho etsahala ho ea khopo!+ Ha ho utloahale bakeng sa hao.+ Na Moahloli oa lefatše lohle a ke ke a etsa se nepahetseng?”+

  • Deuteronoma 32:4
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    •  4 Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse,+

      Etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.+

      Molimo oa botšepehi,+ eo ho eena ho se nang ho hloka toka;+

      O lokile ’me o khabane.+

  • Baroma 3:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Leha ho le joalo, haeba ho se loke ha rōna ho hlahisetsa ho loka+ ha Molimo pooaneng, re tla re’ng? Molimo ha a hloke toka+ ha a ntša khalefo ea hae, na ha ho joalo? (Ke bua joalokaha ho bua motho.)+

  • Tšenolo 15:3
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 3 Ba bina pina ea Moshe+ lekhoba la Molimo le pina ea Konyana,+ ba re:

      “Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle,+ mesebetsi ea hao+ e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng,+ litsela tsa hao li lokile ’me ke tsa ’nete.+

  • Tšenolo 16:5
    Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
    • 5 Ka utloa lengeloi le holim ’a metsi le re: “Uena, Ea teng le ea neng a le teng,+ Ea tšepahalang,+ u lokile, hobane u entse liqeto tsena,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela