22 “Ka hona e-re ho ba ntlo ea Iseraele, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Ha ke ho etse ka lebaka la lōna, ba ntlo ea Iseraele, empa ke ho etsa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang, leo le le hlompholotseng har’a lichaba tseo le keneng ho tsona.”’+
19 Jehova, u utloe.+ Jehova, u tšoarele.+ Jehova, u ele hloko ’me u nke bohato.+ U se ke ua lieha,+ ka lebaka la hao, Molimo oa ka, etsoe motse oa hao le sechaba sa hao li ’nile tsa bitsoa ka lebitso la hao.”+